Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 37:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba o roma Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ho moporofeta Esaia, mora Amotse, ba ikapesitse ka masela a mahwashe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Yaba o roma Eleakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi, le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 37:2
15 Referencias Cruzadas  

Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.


Hape, a romela Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ba ikapesitse ka masela a mahwashe, ho moporofeta Esaia, mora Amose.


Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.


Eitse ha Mordekai a tseba tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe le molora, mme a tswela hara motse, a ntse a howa ka mehoo e phahameng, e bohloko.


Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:


mehleng eo, Jehova a bua ka Esaia, mora oa Amotse, a re: Eya, o hlobole lesela le mahwashe le lethekeng la hao, o role dieta maotong a hao. A etsa jwalo, a ya a hlobotse, a sa rwala dieta.


Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.


Morena, Jehova wa makgotla, o boletse, a re: Tloha, o ye ho mmoloki wa leruo, ho Shebna, qhoku ya ntlo ya borena, o re ho yena:


Ka tsatsi leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eliakime, mora wa Hilkia;


Yaba Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tswela ho yena.


Ebile Esekiase o nka lengolo matsohong a manqosa, a le bala; yaba Esekiase o nyolohela tlung ya Jehova, a le phutholla pela Jehova.


Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ka thapelo eo o nthapetseng ka yona, bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria,


Mehleng eo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos