Ngwedi ya kgwedi e tla tshwana le kganya ya letsatsi, mme kganya ya letsatsi e tla eketswa hasupa, e be jwaloka kganya ya matsatsi a supileng, ka letsatsi leo Jehova a tla tlamella leqeba la setjhaba sa hae, a fodise matetetso a dikotlo tsa hae.
Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.
Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.
o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.
Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.