Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.
Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.
Naha e masabasaba le metse ya teng, le Bakedare ba ahileng ditenteng, ba phahamise lentswe, ba ahileng mafikeng ba bine, ditlatse di dume diqhoweng tsa dithaba.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!
Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.
Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!