Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 32:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ho tla itetwa difuba ka baka la dirapa tse kgahlisang, le ka baka la merara e behang haholo!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Llelang masimo a lona a matlematle, le llele morara o atlehileng;

Ver Capítulo Copiar




Isaia 32:12
11 Referencias Cruzadas  

Bonang, Jehova o ya hlobodisa lefatshe, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, a qhalanye baahi ba lona.


Veine e ntjha e swabile, merara e a pona, bohle ba pelo di thabileng ba sisa pelo.


Dibajwa le meutlwa di tla mela naheng ya setjhaba sa ka, le hodima matlo a thabo kaofela a motse wa menyaka.


Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.


Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


mohlang oo, ke ne ke ba emiseditse letsoho la ka, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba batletseng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse.


Ho fedile: Ninive o a hlobodiswa, o iswa hole; makgabunyane a hae e itelela ka dillo tse kang tsa maebakgorwana, a iteta difuba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos