Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 32:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ho tla feta selemo se le seng se nang le matsatsi a mang, le ntoo tsieleha, lona ba iketlileng, hobane ho kgolwa ha merara ho tla ba siyo, ho ke ke ha kotulwa le ditholwana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Etlare hoba selemo se fetafete, lona basadi ba iketlileng le tla thothomela; morara o kotulwang o tla ba siyo, le ditholwana di ke ke tsa eba teng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 32:10
14 Referencias Cruzadas  

Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati.


Mehleng eo, masimo wohle a merara e sekete, e lekaneng dishekele tse sekete, a tla medisa dibajwa le meutlwa.


Ke tla ba qeta, ho bolela Jehova, ho tle ho hlokehe tholwana merareng, leha e le feiye difateng, mahlaku a omelle; mme seo ke ba neileng sona se tla ba phonyohela.


Ke tla senya difate tsa hae tsa merara le tsa difeiye tseo a itseng: Ke moputso oo ke o neilweng ke dinyatsi tsa ka! Ke tla di fetola moru, di jewe ke phoofolo tsa naha.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.


Tsohang, matahwa, le lle; le bokolle, lona bohle ba nwang veine, ka baka la veine e ntjha, hobane e tlositswe melomong ya lona.


Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse.


Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.


Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos