Yaba ba dula le yena fatshe ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ho se ya isang lentswe ho yena, ka ho bona hoba bohloko ba hae bo le boholo haholo.
Wena monyako, bobola; wena, motse, o bokolle; wena lefatshe lohle la Filesta, o tsielehe; hobane ho ya tla mosi o tswang leboya; ha ho ya kgathalang makgotleng a dira.
Hobane matlo a borena a tla tlohelwa, motse wa lerata o tla fetoha lesupi; leralla le tora ya sebohodi e be mahaha ka ditshiu le ditshiu, e be thabo ya dipitsi tsa naha le makgulo a mehlape,
Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.
Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.
O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?
Ditsela tsa Sione di ntse di lla, hobane ha ho sa le ba yang meketeng; menyako yohle ya hae e senyehile, baprista ba hae ba fehelwa, barwetsana ba hae ba swabile; a mahlomoleng a maholo.
Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.
Jehova o rerile ho ripitla lerako la moradi wa Sione, a tatamatsa kgwele ya tekanyo, mme ha a ka a honyetsa letsoho la hae tshenyong; o swabisitse lerako le tora, di ntse di swabile hammoho.
Marena wohle a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona; a tla hlobola dikobo tsa wona, a lahle diaparo tsa wona tse homilweng; a tla apara tshoho, a dule fatshe a ntse a sisimoha, a maketse ke wena.
ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena, mme ba ke ke ba lesa ha hao lejwe hodima lejwe le leng; hobane ha o a ka wa tseba nako eo o etetsweng ka yona.