Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 3:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 le diipone, le masela a boleana a lene e ntle, le dituku tse qhakileng, le ditipe tsa kase.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 le diipone, le diaparo tsa lene, le dituku, le ditjale.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 3:23
14 Referencias Cruzadas  

hobane o ne a itse ho mohlanka: Monna elwa ke mang, ya tsamayang naheng, ya lebileng ho rona? Mohlanka a re: Ke mong a ka. Yaba Rebeka o nka lesira, a ikwahela.


Yaba Faro o ntsha lesale la hae monwaneng wa hae, a le kenya monwaneng wa Josefa, mme as mo hlopha ka masela a lene a tshesane, a mo rwesa letjekwana la kgauta molaleng.


Haele Davida, o ne a apere kobo ya lene e ntle, le bona Balevi bohle ba jereng areka, le dibini, le Kenania, motsamaisi wa diletsa hara dibini; Davida o ne a apere efoda ya lene.


Yaba ho etswa morifi wa koporo, le sedulwana sa wona sa etswa ka koporo, ho nkilwe diipone tsa ho ipona tsa basadi ba sebetsang, ba neng ba etla tshebeletsong ka dihlopha, monyako wa tente ya pokano.


Ka fumanwa ke dibohodi tse potapotang motseng; tsa nkotla tsa nthoba; ba lebelang marako ba nkamoha lesira la me.


le diaparo tsa mekgabo, le dikgela, le mese e phuphuthang, le mekotlana,


Bakeng sa monko o monate e tla ba sebodu, bakeng sa senyepa e be lerapo; bakeng sa mangetse a forilweng e tla ba mafatla, bakeng sa masatshana a basadi e be lesela le mahwashe, bakeng sa botle e be sefahleho se tjhesitsweng ka letshwao.


Nka lelwala, o sile phofo; tlosa lesira la hao, o tswakeletse diaparo tsa hao; rola dieta, o tshele dinoka.


Ka o apesa ka diaparo tse homilweng, mme ka o rwesa dieta tsa qibi; ka o rwesa lene e ntle hloohong, ka o apesa ka sei.


Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo.


Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.


Makgotla a lehodimo a mo latela, a kaletse dipere tse tshweu, a apere lene e ntle e tshweu, e hlwekileng.


mme o neilwe ho ikapesa ka lene e ntle, e kganyang, e hlwekileng; hobane lene e ntle eo ke ho loka ha bahalaledi.


A ntoo re ho yena: Nnee kobo eo o e apereng, o e tshware. A e tshwara, mme Boase a lekanya tekanyo tse tsheletseng tsa harese, a mo jarisa tsona, mme a boela hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos