Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jehova o biletsa baholo ba setjhaba sa hae le marena a sona tsekong, o re: Le jele tshimo ya merara, mme kgapo eo le e amohileng bafumanehi e matlung a lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 3:14
34 Referencias Cruzadas  

Na o ya o laya ka hobane o a mo tshaba, kapa na a ka isana kahlolong le wena na?


Mmolai o tsoha e sa le ka meso, o bolaya mofutsana le mohloki; bosiu o a utswa.


Ho pshemolawa kgutsana letsweleng, bahloki ba amohuwa tsa bona,


Hobane ha o batle nako e telele ho tseba motho ya tshwanetseng ho hlaha kahlolong pela wona.


O nanara ka sephiring jwaloka tau letsabeng la yona; o laletse ho tshwara ya madimabe; o tshwara ya madimabe, o mo hulanya letloweng la hae.


Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka jwalokaha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Jehova.


o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.


Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.


Ho madimabe ba beang melao e sa lokang, le bangodi ba ngolang mangolo a hloriso;


ho amoha mafutsana tokelo ya wona, le ho hlakola tokelo ya bafumanehi ba setjhaba sa ka, ho etsa bahlolohadi kgapo ya bona, le ho ja dikgutsana.


Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


Bahloki ba hlokang haholo ba tla kgora, bafumanehi ba phomole ka kgotso; empa ke tla timetsa motso wa hao ka tlala, ho setseng ho wena ho tla bolawa.


O hataketswe ka maoto, ka maoto a basenyehi, le ka maoto a bahloki.


Mafutsana a tla eketsa ho thabela Jehova, bahloki ba itlotlise ka Mohalaledi wa Iseraele.


Ka baka leo, Mohalaledi wa Iseraele o re: Erekaha le nyatsa lentswe lena, mme le itshepisa ka bothata le bokgopo, le itiisa ka jona;


Ruri, tshimo ya merara ya Jehova wa makgotla ke ntlo ya Iseraele, banna ba Juda ke ditlama tseo a neng a kgahliswa ke tsona; o ne a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo wa hloreho.


Bonang, le itima dijo ho omana, ho qabana, le ho otla ka setebele ka mokgwa wa bolotsana. Ha le itime dijo ka tokelo ya teng ka letsatsi leo, hore mehoo ya lona e utluwe nqalong tse hodimodimo.


Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka ya morara, ba hataketse tshimo ya ka, tshimo ya ka e ratehang ba e entse lefeella le lebe.


Matlo a bona a tletse boshodu, jwaloka serojana se tletseng dinonyana; ke moo ba ikgodisang, mme ba fumile.


a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,


ke le tlise lefeelleng la ditjhaba, ke tle ke isane nyeweng le lona teng;


mme jwalokaha ke ne ke isane nyeweng le bontata lona lefeelleng la naha ya Egepeta, ke tla isana nyeweng le lona jwalo, ho rialo Morena Jehova.


Ekare ha le ka rekisa ka tshimo ho wa habo lona, kapa leha le ka ithekela tshimo ho wa habo lona, le se ke la jana.


Ho se ke ha eba e mong hara lona ya jang wa habo; o tshabe Modimo wa hao, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


ba lakatsa ho bona lerole la lefatshe hodima hlooho ya mofutsana, mme ba kgopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntatae ba kenela mosadi a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le kgethehileng;


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


Ba ja nama ya ba setjhaba sa ka, ba buha letlalo la bona, ba be ba pshatle masapo a bona, ba a kgaole dikoto, jwaloka eka ba a nokela pitseng, ba kgabele le nama ya bona jwaloka hoja ba ya e kenya hara pitsa e kgolo.


Na matlotlo a bokgopo a sa le teng tlung ya ya sa lokang, le tekanyo e fokotsehileng, e rohakilweng na?


Utlwang setshwantsho se seng: Motho o ne a le teng, e leng monga ntlo, ya hlomileng tshimo ya merara; a e sireletsa ka motero, a tjheka sehatelo teng, a e hahela tora, mme a e laeletsa balemi, a ntoo eta.


Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos