Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 26:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane o kokobeditse ba ahileng nqalong tse phahameng; o dihile motse o moholo, o o dihetse fatshe, o o rapaladitse leroleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba tulong tse phahameng o a ba theola, motse o phahameng a o kokobetse, a o heletse o wele fatshe, a o theolele tlase, leroleng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 26:5
18 Referencias Cruzadas  

O se ke wa hopola dibe tsa bontata rona moholo; mehauhelo ya hao e re tlele kapele, hobane re ba madimabe haholo.


Ke tla otla lefatshe ka baka la bobe ba lona, le ba bolotsana ka baka la makgopo a bona, ke tla fedisa boholo ba baikgantshi, ke kokobetse boikgohomoso ba bahlorisi.


O ne o re pelong ya hao: Ke tla hlwella lehodimong, ke bee terone ya ka kahodima dinaledi tsa Modimo, ke dule thabeng ya phutheho pheletsong ya leboya;


Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.


Motse o senyehile, o fetohile lesupi; matlo kaofela a kwetswe, ha ho sa le ya kenang teng.


Hobane o entse motse sefika sa majwe, qhobosheane e se e le qubu ya lesupi; meaho ya basele ha e sa le motse, ha e sa tla hlola e tsoswa.


Empa sefako se tla wela hodima moru, mme motse o tla kokobetswa tlasetlase.


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


Babilona o tla etswa diqubu tsa majwe, leaho la diphokojwe, makatso le sesomo, moo ho seng moahi teng.


o re: Babilona o tla tebela jwalo; a ke a se ke a tsoswa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho di tlisa hodima hae. Mantswe a Jeremia a kgutla moo.


Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.


Ka ditlhako tsa dipere tsa hae, o tla hata diterata tsa hao tsohle; setjhaba sa hao o tla se bolaya ka lerumo, ditshiya tse thata tsa hao di helehele fatshe.


Pelo ya hao e ne e ikgohomositse ka botle ba hao, o ne o bodisitse bohlale ba hao ka baka la bokgabane ba hao; ke o dihetse fatshe ke hona, ke o beile pela marena ho hoboswa.


La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos