Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 24:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mehleng eo, Jehova o tla otla makgotla a lehodimo, nqalong tse phahameng, le marena a lefatshe lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ka tsatsi leo, Morena o tla otla, a otle mabotho a hodimo lehodimong, kgosi tsa lefatshe a di otlele lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 24:21
23 Referencias Cruzadas  

O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe.


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Ke tla otla lefatshe ka baka la bobe ba lona, le ba bolotsana ka baka la makgopo a bona, ke tla fedisa boholo ba baikgantshi, ke kokobetse boikgohomoso ba bahlorisi.


Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.


Naha e hlomohile, e swabile, lefatshe le tepeletse, le dutse mahlomoleng, baholo ba setjhaba sa naha ena ba tepeletse.


Menyako ya hao e tla dula e butswe kamehla; e ke ke ya kwalwa nyene leha e le bosiu, ho tle ho tliswe ho wena maruo a ditjhaba, le marena a tsona.


Mora motho, porofetela Gogo, o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, Gogo, morena wa Roshe, Mesheke le Tubale.


O tla wela naheng; efela ke nna ke boletseng: ho rialo Morena Jehova.


Egepeta o tla fetoha nahathothe, Edomo e be sebataolo, kahobane ba tsohetse bana ba Juda matla, ba tsholotse madi a se nang molato naheng ya bona.


Tsatsing la sehlabelo sa Jehova, ke tla kgalemela mahosana le bara ba morena, le bohle ba aparang seaparo sa basele;


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos