Ka tsatsi leo, Baegepeta ba ya ba jwaloka basadi; ba tla tshoha, ba thothomele, ka baka la letsoho la Jehova wa makgotla le sisinyehang ho ba kgalemela.
ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.
Tsatsing leo, ho tla tloha ho nna ka dikepe manqosa, a tla ya tshosa Kushe ya iketlileng, mme ba tla kudupana ke bohloko jwaloka mohla kotlo ya Egepeta; bonang, hoo ho fela ho ya tla.