Isaia 23:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng. Ver CapítuloBIBELE11 Morena o otlolotse tsoho la hae, a le otlolla hodima lewatle, a etsa hore mebuso e thothomele. Malebana le Kanana Morena o entse taelo, hore qhobosheane tsa yona di ripitlwe. Ver Capítulo |
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.