Le etsa letsha pakeng tsa marako a mabedi, ho bokella metsi a letsha la kgale; empa ha le tadime ho moetsi wa ditaba tseo, ha le lelalle ho ya di rerileng kgale.
Yaba Jehova o re ho Esaia: Tloha jwale, o kgahlanyetse Akase, ho ye wena le Sheare-Jashube, mora hao; le tla mo fumana bofellong ba foro ya metsi a letsha le hodimo, mmileng wa tshimo eo ho hlatsuwang ho yona.
Hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa matlo a motse le bakeng sa matlo a marena a Juda, a tlang ho qhaqhwa ka ditutudu le ka dibetsa: