Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 a tle a tshabele dikoting tsa mafika le mafarung a mafika ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Batho ba tla balehela mahaheng, katlasa mafika le mafarung, ka baka la ho tshaba Morena, le ho tshaba kganya ya botlotlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:21
12 Referencias Cruzadas  

Baditjhaba ba tepeletse, ba tswa diqhobosheaneng tsa bona ba thothomela.


ba ikgaheletse dikgutlong tse tshabehang, mahaheng le mafarung a lefatshe;


O sisinya lefatshe motheong wa lona, ditshiya tsa lona di a tlakasela.


Etlare ha kganya ya ka e feta, ke tla o kenya lefarung la lefika, ke o kgurumetse ka letsoho la ka, ho fihlela ke ba ke feta.


Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle.


Kena lefarung la lefika, o ipate leroleng, ka baka la botshabeho ba Jehova, le la kganya ya boholo ba hae.


batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


Ya balehelang tshoho, o wela lemeneng; ya tlang ho inyolla lemeneng, o itshwasa lerabeng, hobane dithoba tsa mahodimo di a buleha, mme metheo ya lefatshe e a reketla.


Jwale, ke tla tsoha, ho bolela Jehova; jwale, ke tla iphahamisa; jwale, ke tla ikgodisa.


Di tla tla, di dule kaofela dikgutlong tse dilomo, le mafarung a mafika, le dihlahleng tsohle, le makgulong wohle.


Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.


Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos