Isaia 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Ho tla etsahala mehleng ya bofelo, hoba thaba ya ntlo ya Jehova e tla bewa hlorong ya dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba kaofela di tla phallela teng. Ver CapítuloBIBELE2 Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e leng hodima yona e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona. Ver Capítulo |
Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.
Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.
Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.