Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 19:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Dinokana di tla nkga, meedi ya Egepeta e tla oma, e pshe; lehlaka le tla pona le wona moseme.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 melapo ya yona e nkge, e re phu! melatswana ya yona le yona e pshe, e omelle. Hlaka la yona le lodi di tla pona,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 19:6
10 Referencias Cruzadas  

A bona dikgomo tse supileng tsa dithole, tse ntle, tse nama di mafura, di etswa nokeng, di fula mohlakeng;


Ke tjhekile, ka ba ka nwa metsi asele, mme ka bohato ba maoto a ka ke tla pshesa le dinoka tsohle tsa Egepeta.


Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng siyo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng siyo na?


Le sa le lekgaba, leha le sa helwe, le ye le pone, dimela tse ding di sa le tala.


Empa a sitwa ho mo pata halele; yaba o mo nkela sethoto sa moseme, a se bitiela ka tiri le ka boka, a kenya ngwana ka ho sona, a se bea lehlakeng, lebopong la noka.


Dihlapi tse nokeng di tla shwa, noka e be sebodu, mme Baegepeta ba tla nyonya ho nwa metsi a noka.


Metsi a Nimrime a sentswe, hobane hlaha e omeletse, jwang bo fedile teng, botala ha bo sa le yo.


le romang manqosa lewatleng ka dikepe tsa moseme hodima metsi! Eyang, bahlanka ba lebelo, setjhabeng se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona.


Ke tjhebile didiba, ka nwa metsi a tsona, mme ka bohato ba maoto a ka ke tla pshesa le dinoka tsohle tsa Egepeta.


Na o fetisa No-Amone, motse oo o neng o dutse hodima dinoka, o neng o teetswe hare ke metsi, oo lewatle e neng e le tshireletso ya wona, mme lerako la wona le ne le nyoloha lewatleng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos