Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 19:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka tsatsi leo, Baegepeta ba ya ba jwaloka basadi; ba tla tshoha, ba thothomele, ka baka la letsoho la Jehova wa makgotla le sisinyehang ho ba kgalemela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 19:16
18 Referencias Cruzadas  

yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha;


Ho ya ba dillo tse kgolo naheng yohle ya Egepeta, tseo ho esong ho be tse kalo, mme ho ke keng ha hlola ho eba tse kalo.


Ka lona letsatsi lena o se a tla fihla Nobe, mme ka letsoho la hae o tla supa thaba ya moradi wa Sione, leralla la Jerusalema.


Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.


Emisang folaga thabeng e se nang meru, le howeletse ho bona ka lentswe le phahameng, le ba hwehle ka letsoho, ba kene ka menyako ya marena.


Ba sekete ba tla baleha ba tshabiswa ke motho a le mong; ha ba bahlano ba le tshosa, le tla baleha ho fihlela masala a lona a eba jwaloka sefate se itlhophereng, se hlomilweng hodima thaba, leha e le jwaloka folaga e hlomilweng leralleng.


Lerumo le hodima dipere tsa hae, le hodima makoloi a hae, le hodima bajaki kaofela ba ho yena, mme ba ya fetoha basadi; lerumo le hodima matlotlo a hae, hore a tle a hapuwe.


Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.


Dinatla tsa hao, Themane, di tla thothomela, ho tle ho fediswe banna bohle thabeng ya Esau ka polao.


Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!


Mme Iseraele o tla tsamaya hara lewatle la tlokotsi, o tla otla maqhubu lewatleng, mme madiba wohle a noka a tla psha; boikgohomoso ba Assiria bo tla kokobetswa, ho tloswe le lere la borena la Egepeta.


Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng.


hobane ke ya tsokotsa letsoho la ka hodima tsona, di tla hapjwa ke ba neng ba di sebeletsa, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile.


Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.


Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.


Ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo o phelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos