Isaia 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)4 Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Ke tla itulela, ke tadime ke le nqalong ya bodulo ba ka, motshehare, ha le sele hantle, leha leru la phoka le le teng, ha letsatsi le tjhesa mohla kotulo. Ver CapítuloBIBELE4 Morena o itse ho nna: “Ke tla tadima ke le leahong la ka, ke kgutsitse, sa ha tsatsi le tjhesa haholo, sa phoka e lalang ha ho kotulwa.” Ver Capítulo |
Mehleng eo, nyehelo e tla tlisetswa Jehova wa makgotla ke setjhaba se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona, e tla tlisetswa nqalong moo ho rapelwang Jehova wa makgotla, thabeng ya Sione.
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.