Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Etlare hobane Jehova a le kgatholle mokgathaleng wa lona, le ditsietsing tsa lona, le kgolehong e thata eo le hlorisitsweng ka yona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Mohla Morena a le phomoditseng ditsietsing, le moferefereng le bokgobeng bo sehloho,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 14:3
17 Referencias Cruzadas  

Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


Setjhaba sa ka se tla aha moahong wa kgotso, le matlung a tshepehang, nqalong tsa boiketlo le phomolo.


Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!


Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Tsatsing lona leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla robakanya joko molaleng wa hao, ke kgaole marapo a hao; ba ditjhaba ha ba sa tla mo rua.


Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.


Ha ho sa tla ba moutlwa o hlabang, kapa tsenene e bohloko ho ntlo ya Iseraele hara bohle ba e teetseng hare, ba neng ba e nyedisa, ho tle ho tsejwe hobane ke nna Morena Jehova.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Sione ka poulelo e kgolo, ke bile ke o boulela ka kgalefo e kgolo.


ke tla ba tlisa, ba tle ba ahe kahara Jerusalema, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona ka nnete le ka ho loka.


o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos