Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 11:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O tla thabela ho tshaba Jehova, a ke se ke a ahlola ka tjhadimo ya mahlo, leha e le ho tswa ka ho utlwa taba ya ba re.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 yena o tla thabela ho tshaba Morena. Ha a ka ke a ahlola ho ya ka tshobotsi, kapa a etsa qeto ho ya ka tsa bo-fuufu;

Ver Capítulo Copiar




Isaia 11:3
20 Referencias Cruzadas  

Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.


Ebile morena o re ho mosadi: O ikele hae haeno; ke tla laela bakeng sa hao.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Ha ke re, tsebe e ka nna ya kgetha dipolelo, jwaloka mahalapa ha a tseba ho kgetha dijo na?


Hobane tsebe e leka ditaba, jwalokaha mahalapa a latswa dijo.


ke moo o tla tseba ho tshaba Jehova, o fihlele tsebo ya Modimo;


Jwale, o tla tseba ho loka le tshwanelo le bokgabane le mekgwa yohle e molemo.


Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.


E tla ba yona naha ya hae, leruo la hae Iseraeleng; mme marena a setjhaba sa ka ha a sa tla tuba setjhaba sa ka, a mpa a tla nea ntlo ya Iseraele naha, ka ho ya ka meloko ya yona.


Mme Jehova o tla ahlolela ditjhaba tse ngata, a kgalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka disabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee disekele; setjhaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.


Mme Jesu a nna a hola hlalefong, le boemong, le molemong, pela Modimo le batho.


le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.


Se ahloleng ka ho bona feela, le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.


empa dijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao dikelello tsa bona di lemaletseng ho kgetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebediswa hona.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos