Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 11:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mona wa Efraime o tla fela, Juda le yena a lese ho mo qala; Efraime ha a sa tla hlola a honohela Juda, mme Juda ha a sa tla hlola a lwantsha Efraime.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Mona wa ba Efraime o tla fela, dira tsa ba morabe wa Juda di timetswe, ba Efraime ba ke ke ba honohela ba Juda, le ba Juda ba ke ke ba tshwenya ba Efraime.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 11:13
8 Referencias Cruzadas  

Manasse o ja Efraime, Efraime o ja Manasse, ba ntoo kopana hammoho ho ja Juda. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.


Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, bana ba Iseraele ba tla tla, ba ena le bana ba Juda, ba tla ya ba ntse ba lla, ba batla Jehova, Modimo wa bona.


Morena Jehova o re: Mohla ke bokellang ntlo ya Iseraele ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng hara tsona, ke tla iketsa ya kgethehileng ka bona pela ditjhaba, mme ba tla aha lefatsheng leo ke le neileng mohlanka wa ka, Jakobo.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos