Haele bohle ba setseng ba setjhaba sa Jehova, hohle moo ba jakileng teng, ba teng ba ke ba ba thuse ka silefera, le kgauta, le mesebetsi, le dikgomo, kantle ho dimpho tse ntshetswang ntlo ya Modimo o Jerusalema ka ho rata.
Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.
Yaba Jehova o re ho Esaia: Tloha jwale, o kgahlanyetse Akase, ho ye wena le Sheare-Jashube, mora hao; le tla mo fumana bofellong ba foro ya metsi a letsha le hodimo, mmileng wa tshimo eo ho hlatsuwang ho yona.
Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;
Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.
Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng. Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba kgutlela ho Jehova, Modimo wa bona, le ho mmatla ha ba ka ba mmatla.
Ba kgutla, empa e seng ho ya ho Ya hodimo. Ba jwaloka seqha se sa tshepeheng. Marena a bona a tla dihuwa ke lerumo ka baka la boithoriso ba maleme a wona. Ba tla songwa kahoo lefatsheng la Egepeta.
empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.