Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O tla tjhesa kganya ya moru wa hae le ya masimo a hae jwalo, ho fele moya le mmele, ho be jwaloka motho ha a kula, a kgathala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Mokgabo wa meru ya yona le wa masimo a nonneng, Morena o tla o timetsa ho hang ka malakabe, sa ha mokudi a fella dikobong.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:18
10 Referencias Cruzadas  

O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ka makoloi a ka a mangata, ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Libanone; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Hobane ho nthorela ha hao, le boithoriso ba hao, bo nyolohetse tsebeng tsa ka, ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye le tomo ya ka ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.


Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o tla otisa dinatla tsa Assiria; tlasa kganya ya hae ho tla tjha ho kang ho tjha ha mollo.


Empa sefako se tla wela hodima moru, mme motse o tla kokobetswa tlasetlase.


O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Hobane bolotsana bo hotetse jwaloka mollo; bo tjhesa meutlwa le dibajwa, bo tukisa meru e teteaneng, mme eo e fella mosing o lopallang hodimo.


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos