Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o tla otisa dinatla tsa Assiria; tlasa kganya ya hae ho tla tjha ho kang ho tjha ha mollo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o tla etsa hore kwankwetla tsa kgosi di tsete, bakeng sa tlotla ya yona ho hotetswe mollo o tukang malakabe.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:16
25 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.


A ba nea ka takatso ya bona, empa a ba romela lefu le bolayang.


wa hlahisetsa banna ba matla polao, wa rapalatsa bahlankana ba Iseraele fatshe.


O tla tjhesa kganya ya moru wa hae le ya masimo a hae jwalo, ho fele moya le mmele, ho be jwaloka motho ha a kula, a kgathala.


Mohlang oo, kganya ya Jakobo e tla dikela, le ho nona ha nama ya hae ho fetohe ho ota.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Lefika la hae le tla baleha ke ho tshoha, mahosana a hae a balehele hole ke ho tshaba folaga ya Jehova; ho bolela Jehova eo mollo wa hae o leng Sione, le sebopi sa hae se leng Jerusalema.


Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Dikonyana di tla fula teng, jwaloka eka ke makgulong a tsona, masimo a tlohetsweng a barui a tla jewa ke baditjhaba.


ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.


Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.


Hobane seeta se seng le se seng seo motho a tlang ntweng a se rwetse, le kobo e nngwe le e nngwe e sudubaneng mading, di tla akgelwa mollong, di tjheswe ke malakabe a wona.


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


Le ka bolela jwang, la re: Re dinatla, re bahale ntweng?


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Jehova o itse: Leha ba bolokehile, ba ntse ba le bangata, le teng ba tla helwa, ba fete, mme wena Juda, eo ke o kokobeditseng, ha ke sa tla o kokobetsa.


Hape, Jehova o tla otlollela letsoho la hae ka nqa leboya, a timeletse Assiria, a fetole Ninive nahathothe le sebataolo se jwaloka lefeella!


Yaba lentswe la Jehova wa makgotla le ntlela, la re: O bolelle setjhaba sohle sa naha le baprista, o re:


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos