Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 ke tla isa letsoho la ka hodima hao, ke be ke hlatswe ditshila tsa hao ka logo, ke tlose manya a hao kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Letsoho la ka le tla o lwantsha, ke o hlatswisise manya a hao, ke fedise ho se hlweke ha hao.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:25
18 Referencias Cruzadas  

O tlosa ba babe kaofela lefatsheng jwaloka lefilo; ke ka baka leo ke ratang dikeletso tsa hao.


Silefera ya hao e fetohile manya, veine ya hao e tswakilwe le metsi.


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


ha Morena a se a hlakotse ditshila tsa baradi ba Sione, a tlositse madi a Jerusalema teng ka moya wa kahlolo le ka moya o hlokolang.


Mofuthu o a tjha, loto e qetwa ke mollo; moqhibidisi o qhibidisa feela hobane ba babe ha ba tloswe.


Moaho wa hao o hara ba mano; manong a bona ba hana ho ntseba, ho bolela Jehova.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla ba lekola, ke ba leke; hobane nka be ke etsa jwang bakeng sa moradi wa setjhaba sa ka?


ke tla kgetha baikgantshi le ba nkganang hara lona, ke tle ke ba ntshe naheng eo ba ahelletseng ho yona; empa ba ke ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha bohle le fetohile manya, ke hona ke tla le phuthela Jerusalema.


Jwalokaha ho bokellwa silefera, le koporo, le tshepe, le loto seboping, mme ntho tseo di butswellwa mollo hore di tle di qhibidihe, ke tla le phutha jwalo bohaleng ba ka le kgalefong ya ka, mme ke tla le bea hona teng, ke tle ke le qhibidise.


Jwalokaha silefera e qhibidiha seboping, le lona le tla qhibidiswa hara wona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova ke le tshelang ka kgalefo ya ka.


Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.


O tla dula, a ntse a qhibidisa, a hlwekisa silefera; o tla hlwekisa bara ba Levi, a ba tsheke jwaloka kgauta le jwaloka silefera, mme ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


Etsang ditlatse tsa thabo, lona ditjhaba, hammoho le setjhaba sa hae; hobane o ya pheteletsa madi a bahlanka ba hae, a itefetse ho dira tsa hae; mme o tla etsetsa lefatshe la hae le setjhaba sa hae pheko.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos