ke moo o tla ithabela ho Jehova, mme ke tla o haodisa diphahameng tsa naha jwaloka ha eka o kaletse pere; o tla ja lefa la Jakobo, ntatao moholo, hobane molomo wa Jehova o boletse jwalo.
Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.
Le tla ja, le be le kgore; le tla rorisa lebitso la Jehova, Modimo wa lona, ya le etseditseng tse hlollang, mme setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.
Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.
Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala wohle a setjhaba, ba utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa bona, ka dipolelo tsa moporofeta Haggai, kamoo a neng a romilwe ke Jehova kateng, Modimo wa bona; mme setjhaba sa tshaba Jehova.
Etlare ha o utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o itisa ho etsa ditaelo tsa hae tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, Jehova, Modimo wa hao, o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.