Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Kganya ya Efraime e tla fofela koo jwaloka nonyana; ha ho sa tla ba ya tswetsweng, leha e le moima, le ya emolang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Tlotla ya Efraime yona e tla nyamela, e nyamele sa nonyana e fofela hole, ho se be pelehi, kemaro, kemolo.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:11
18 Referencias Cruzadas  

E monyenyane a mo rea lebitso la Efraime (ya behang), a re: Ke hobane Modimo o nkatiseditse lefatsheng la tlokotsi ya ka.


Josefa ke lekala la sefata se behang, lekala la sefate se behang se pela sediba, seo makala a sona a nametseng hodima lerako.


Mikale, moradi wa Saule, ha a ka a tswala bana le ho isa tsatsing la ho shwa ha hae.


Bona, lesedi la e mobe le tla tingwa, mollo wa leifo la hae ha o sa tla hlola o hotetswa.


Ba be jwaloka kgofu e menyelang e ntseng e eya, ba be jwaloka sefolotsana sa mosadi se sa kang sa bona letsatsi.


Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;


Ho fedile le qhobosheane ya Efraime, le mmuso wa Damaseka, le ho setseng ha Siria; ho tla dula ka bona jwalokaha ho kile ha dula ka kganya ya bana ba Iseraele: ho bolela Jehova wa makgotla.


Bakeng sa namane ya Bethe-Avene, baahi ba Samaria ba tshohile; e, setjhaba sa teng se a e llela, le baprista ba yona ba tlakasela bakeng sa yona, ka baka la kganya ya yona, hobane e tlohile ho yona.


Ha ba ntse ba ngatafala, ke moo ba ntshitelwang ka ho fetisa; kganya ya bona ke tla e fetola dihlong.


Efraime o tla fetoha nahathothe tsatsing la kotlo; hara meloko ya Iseraele ke tsebisa taba e tiileng.


Ba nee, Jehova! ... o tla ba neang? ... O ba nee dimpa tse tswang le matswele a omeletseng.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya bana ba Ammone — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba petsotse baimana ba Gileade, ba tle ba hodise naha ya bona:


hobane, bonang, mehla e a tla eo ho tla thwe: Ho lehlohonolo dinyopa, le mala a sa kang a tswala, le matswele a sa kang a anyesa.


se tswalwang ke wena se tla rohakwa, le se behwang ke lefatshe la hao, le katiso ya makgomo a hao, le dikonyana tsa manku a hao.


o tla hana le mohlana wa hae, o tswang pakeng tsa maoto a hae, a hane le bana bao a tla ba tswala, hobane o tla ba ja sephiring ka ho hloka dintho tsohle, ka baka la ho thibellwa le la tsietsi e kgolo eo dira tsa hao di tla o tsietsa ka yona metseng yohle ya hao.


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos