Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Empa Morena o re: “Wena Efraime, ke etse jwang ka wena? Wena Juda, ke etse jwang ka wena? Rato la lona le ka mohodi o thibang hoseng, le ka phoka ya meso e nyamelang kapele.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 6:4
19 Referencias Cruzadas  

Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.


Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.


Lona, kajeno lena le ne le bakile, le ne le entse ho lokileng pontsheng ya ka, ka ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, le ne le entse selekane pela ka, ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona.


Empa setjhaba seo se na le pelo e hanyetsang, e ikgantshang; ba kwenehile, mme ba ile.


Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.


Na le re, nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphetetsa ho setjhaba se jwaloka seo na?


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla ba lekola, ke ba leke; hobane nka be ke etsa jwang bakeng sa moradi wa setjhaba sa ka?


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Ka baka leo, ba tla ba jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoko e tlohang kapele, jwaloka mooko o fefolang seotlong, le jwaloka mosi ha o fefolwa, o etswa ka lesoba le leifo.


Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.


a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe.


Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos