Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova, ba mo entse ka bolotsana, hobane ba tswetse bara ba bonyatsi; jwale, kgwedi e ntjha e tla ba ja hammoho le masimo a bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena, ba mo tswaletse bana, bana ba dikgaupane. Jwale etlare ha kgwedi e thwasa, ba timetswe le masimo a bona.”

Ver Capítulo Copiar




Hosea 5:7
15 Referencias Cruzadas  

O ntopolle, o nntshe letsohong la bana ba baditjhaba, bao molomo wa bona o bolelang lefeela, bao letsoho le letona la bona e leng letsoho la thetso.


Nanabetsa matsoho a hao, o dutse phahameng, o ntopolle, o nnyolle metsing a maholo, o nntshe letsohong la bana ba baditjhaba,


Moya wa ka o hloile mekete ya lona ya dikgwedi tse thwasang, le ya diphutheho tse mahlonoko; ke tshwenyo ho nna, ke kgathetse ke ho iphapanya le yona.


Ha o a ka wa di utlwa le hanyenyane, ha o a ka wa di tseba, mme ditsebe tsa hao ha di a ka tsa bulelwa tsona pele, hobane ke tsebile hoba o lehata, le hoba o bitsitswe moikgantshi esale o etswa popelong ya mmao.


e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.


Ruri, jwaloka mosadi ya jang molekane wa hae ka diteme, le ntjele jwalo ka diteme, lona, ntlo ya Iseraele, ho bolela Jehova.


Hobane ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e hlile e nthetsitse hampe, ho bolela Jehova.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ha ho sa tla ba lentswe leha le le leng la ka le sa tla diehiswa; lentswe leo ke le buang, le mpa le tla etsahala: ho rialo Morena Jehova.


Ke tla fedisa menyaka ya hae yohle, ke fedise mekete ya hae le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le Disabatha tsa hae, le diphutheho tsa hae tse mahlonoko.


Le bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hobane ke bana ba bofebe;


Empa bona ba tlola selekane jwaloka Adama; mona Bethele, ba nkentse ka bolotsana.


Ho madimabe bona, hobane ba mpalehetse! Ho lahleha bona, hobane ba nkwenehetse! Ke ne ke re, ke a ba lopolla, empa bona ba bolela mashano hodima ka.


Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos