Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Efraime o bone pabo ya hae, le Juda o bone seso sa hae; Efraime o ile ho Baassiria, o rometse ho morena Jarebe (motseki); empa eo a ke ke a tseba ho le thusa, a ke ke a fodisa seso sa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “Ha Efraime a bona bolwetse ba hae, Juda yena a bona diso tsa hae, Efraime yena a ikela naheng ya Asiria, a ya kopa thuso ho kgosi ya mohlabani. Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa, ya hlolwa ho phekola diso tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 5:13
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Ebile Akase o romela manqosa ho Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a re: Ke mohlanka wa hao le mora hao; tloo, o nnamolele matsohong a morena wa Siria le matsohong a morena wa Iseraele, ba ntsohetseng matla.


Empa eo o tla fetola ka letsatsi leo, a re: Nke ke ka tseba ho alafa taba eo; hobane ha ho bohobe, leha e le kobo ka tlung ya ka; le se ke la mpea mmusi wa setjhaba.


Hobane ho itswe ke Jehova: Letetetso la hao ke le bolayang, leqeba la hao le lebe.


Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,


Leha e le yona, e tla iswa Assiria, e be nyehelo ho morena Jarebe (motseki). Efraime o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabe ka baka la seo a se pheheletseng.


Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.


Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.


O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.


Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.


Hobane bona ba ya Assiria. Pitsi yona e itshalla e nnotshi; empa Efraime o ipatlela barati ka dineo.


Hobane maqeba a wona Samaria a mabe, kotsi ya wona e bile e hlahetse Juda; e fihlile monyako wa setjhaba sa ka, ke ho re, Jerusalema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos