Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 13:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 13:15
27 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka bona diqwapi tse supileng tse phutsitseng, tse otileng, tse tjheleng ke moya wa botjihabela, di etswa kamora tseo;


E monyenyane a mo rea lebitso la Efraime (ya behang), a re: Ke hobane Modimo o nkatiseditse lefatsheng la tlokotsi ya ka.


A ba a bona le qwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, di mela kamora tseo.


Empa ntatae a hana, a re: Ke a tseba, mora ka, ke a tseba! le yena e tla ba setjhaba, le yena o tla ba moholo; leha ho le jwalo, moenae o tla ba moholo ho yena, mme ditloholo tsa hae e tla ba letshwele la ditjhaba.


Josefa ke lekala la sefata se behang, lekala la sefate se behang se pela sediba, seo makala a sona a nametseng hodima lerako.


Tlase, metso ya hae e a oma; hodimo, makala a hae a rengwa.


Empa bakgopo ha ba jwalo, ba jwaloka mooko o fefolwang ke moya;


Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang.


Lokisetsang bana ba hae polao ka baka la bokgopo ba ntata bona, ba tle ba se ke ba tsoha, ba rua lefatshe, ba se ke ba tlatsa lefatshe ka metse ya bona.


Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.


O mo otlile ka tekanyo, ka ho mo tebela, wa mo hlokola ka moya wa hao o fokang ka matla, o kang wa mohla sefefo sa botjhabela.


O tla a olosa, a ye le moya, sefefo se a hasanye; empa thabo ya hao e tla ba Jehova, kganya ya hao e be Mohalaledi wa Iseraele.


Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi yohle ya wona, le monono wohle o thata wa wona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke di neele matsohong a bao e leng dira ho bona, ba tle ba di phahle, ba ye le tsona, ba di ise Babilona.


Mohlang oo, ho tla bolellwa setjhaba sena le Jerusalema, ho thwe: Moya o tjhesang, o tswang dithoteng tse dibataolo tsa nahathothe, o fokela moradi wa setjhaba sa ka, e seng ho olosa, leha e le ho hlokola;


moya o matla ka ho fetisa o tla tsoswa ke nna, ebe moo ke bolelang dikahlolo tsa ka hodima bona.


Jehova o re: Bonang, ke ya tsosetsa Babilona le ba ahileng naheng ya Leb-Kamai (Bakalde) moya o senyang.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla o emela kgotla, ke o pheteletse; ke tla omisa letsha la hae, ke pshese sediba sa hae.


Bona, o hlomilwe; na o tla atleha na? Na moya wa botjhabela etlare ha o o ama, o ke ke wa omella ruri na? O tla omellela leifong leo o hlomilweng ho lona.


Empa o ne o fotholwe ka kgalefo, wa dihelwa fatshe, moya wa botjhabela wa pontsha ditholwana tsa wona; makala a matla a wona a rojwa, a omella; mollo wa a qeta.


O tla ikgapela medimo ya bona, le ditshwantsho tsa bona tse tsholotsweng, le mesebetsi e hlokwang ya bona ya kgauta le ya silefera, a ye le tsona Egepeta, ho ntoo feta dilemo tseo a ke keng a kgathatsa morena wa Leboya ka tsona.


Iseraele ke morara o holang haholo, tholwana tsa wona di o lekane. Ditholwana tsa hae ha di ntse di eketseha, ke moo a ntseng a ketsa ho haha dialetare; kahobane naha ya hae e ntle, o eketsa ho etsa ditshwantsho tse ntle.


ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.


Sefefo se ya ba nka mapheong a sona; ba tla hlajwa ke dihlong ka baka la mahlabelo a bona.


Kganya ya Efraime e tla fofela koo jwaloka nonyana; ha ho sa tla ba ya tswetsweng, leha e le moima, le ya emolang.


Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Lobelang silefera, le lobele kgauta. Ha ho pheletso matlotlong a ntho tse bolokilweng; ke diqubuqubu tsa mesebetsi yohle e lakatsehang.


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos