Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 12:1
20 Referencias Cruzadas  

A ba a bona le qwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, di mela kamora tseo.


Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.


Hape, Jorame a etsa dinqalo tse diphahameng dithabeng tsa Juda; a susumetsa baahi ba Jerusalema hore ba etse bohlola, mme a kgelosa Bajuda.


Na motho ya bohlale a ka araba ka ditaba tsa lefeela na? Na fuba sa hae se tletse moya wa botjhabela na?


Empa melomo ya bona ya nna ya o thetsa, maleme a bona a bua leshano ho wona,


O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.


Badisa ba hao bohle ba tla nkwa ke moya, dinyatsi tsa hao di iswe kgolehong; ke moo o tla hlabiswa dihlong, o swabe ka bolotsana bohle ba hao.


ke le lahle, le tle le tloswe pela ka, jwalokaha ke setse ke lahlile banababo lona bohle, e leng leloko la Efraime kaofela.


Re otlolletse matsoho a rona ho Baegepeta le ho Baassiria ho bona bohobe.


Bona, o hlomilwe; na o tla atleha na? Na moya wa botjhabela etlare ha o o ama, o ke ke wa omella ruri na? O tla omellela leifong leo o hlomilweng ho lona.


Efraime o nteela hare ka leshano, le ntlo ya Iseraele ka bohata, mme haele Juda, o sa ntse a kwetjha, o hana ho utlwa Modimo, Mohalaledi ya tshepehang.


Nke ke ka etsa ka ho tuka ha bohale ba ka, nke ke ka boela ka timetsa Efraime, hobane nna ke Modimo, ha ke motho, ke nna ya halalelang mahareng a hao; nke ke ka tla ka bohale.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Sefefo se ya ba nka mapheong a sona; ba tla hlajwa ke dihlong ka baka la mahlabelo a bona.


Efraime o bone pabo ya hae, le Juda o bone seso sa hae; Efraime o ile ho Baassiria, o rometse ho morena Jarebe (motseki); empa eo a ke ke a tseba ho le thusa, a ke ke a fodisa seso sa lona.


Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.


Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.


Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos