Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 11:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba tla latela Jehova. Jwaloka tau, o tla puruma, e, yena o tla puruma, mme bana ba hae ba tla itlhahanela ho yena, ba etswa bophirimela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Etlare ha Morena a puruma sa tau, tjhaba sa hae se mo sale morao; etlare ha a puruma, bana ba hae ba tle, ba tle ba thothomela, ba etswa bophirima.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 11:10
36 Referencias Cruzadas  

Pelo ya ka e tshohile ke hona, e sisimoloha tulong tsa yona!


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Sebeletsang Jehova ka tshabo, mme le thabe le ntse le thothomela!


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!


Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Jwaloka tau, kapa tawana ha e puruma hodima phoofolo e tshwerweng ke yona, e sa tshohe mehoo ya badisa ba bangata ba e bokanetseng, e sa balehe pela bongata ba bona, ka mokgwa o jwalo, Jehova wa makgotla o tla theoha ho futuhela thaba ya Sione le leralla la yona.


Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


Hoja o ka theoha jwaloka mollo o tjhesang hlaha, mollo o bedisang metsi, dira tsa hao di ne di tla tseba lebitso la hao, ditjhaba di ne di tla thothomela pela hao;


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


Mme wena, o ba porofetele mantswe ana kaofela, o re ho bona: Phahameng ya hae Jehova o ya duma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentswe; o purumela ntlo ya hae; modumo o kang wa ba hatang veine o o dumisetsa baahi bohle ba lefatshe.


Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.


Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, bana ba Iseraele ba tla tla, ba ena le bana ba Juda, ba tla ya ba ntse ba lla, ba batla Jehova, Modimo wa bona.


ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona;


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Marena wohle a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona; a tla hlobola dikobo tsa wona, a lahle diaparo tsa wona tse homilweng; a tla apara tshoho, a dule fatshe a ntse a sisimoha, a maketse ke wena.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na?


Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?


Hobane ditjhaba kaofela di tsamaya se seng le se seng ka lebitso la modimo wa sona, empa rona, re tla tsamaya ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona, kamehla le mehla.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta le Assiria, ke ba phuthe, ke ba tlise naheng ya Gileade le Lebanone, mme sebaka se ke ke sa ba lekana.


Ba setjhaba sa ka ke tla ba natlafaletsa ho Jehova, mme ba tla tsamaya ka lebitso la hae, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke ya pholosa ba setjhaba sa ka lefatsheng la Botjhabela le lefatsheng la Bophirimela;


Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.


Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.


Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.


haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;


mme la howa ka lentswe le phahamileng, jwaloka tau ha e puruma. Eitse hobane le howe, diaduma tse supileng tsa utlwahatsa mantswe a tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos