Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Bolella Sorobabele, mmusisi wa Juda, o re: Ke ya thothometsa lehodimo le lefatshe, ke tla rapalatsa diterone tsa mebuso,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Bolella Serubabele, mmusisi wa Juda, hore ke tla reketlisa mahodimo le lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Haggai 2:21
14 Referencias Cruzadas  

Bara ba Pedaia ke Sorobabele, le Shimei; bara ba Sorobabele ke Meshullame, le Hanania, le kgaitsedi ya bona Shelomithe;


ba ileng le Sorobabele: Ke Joshua, Nehemia, Seraia, Reelaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:


Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake ba tsoha, ba boela ba qala ho haha ntlo ya Modimo e Jerusalema, ba ena le baporofeta ba Modimo ba ba tlatsang.


Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.


Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ya hae, eo ke mo neileng yona.


Morena Jehova o re ho Tire: Ha ke re, dihlekehleke di tla reketliswa ke modumo wa ho wa ha hao, le ke ho bobola ha ba hlabilweng, le ke polao e tla etswa ha hao?


Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos