Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho ne ho tshepilwe ho hongata, athe ho honyenyane. Le ho thothetse hae, empa ke budutse hodima hona ... Ka baka lang, ho botsa Jehova wa makgotla? Ka baka la ntlo ya ka, hobane e le lesupi ... Athe e mong le e mong ho lona o mathela ntlo ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Haggai 1:9
25 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Mangope a lewatle a hlaha; ha bonahala le metheo ya lefatshe ka baka la kgalemelo ya Jehova, le pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hae.


Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena; o tla utlwa taba, a kgutlele lefatsheng la hae; mme ke tla mo diha ka lerumo naheng ya hae.


Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!


E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.


Nqalo ya bafu le dihele ha di na ho kgora, mahlo a motho le wona ha a kgore.


Ntho tsohle di kgathatsa ho feta kamoo motho a ka bolelang kateng. Leihlo ha le kgore ho di bona, tsebe ha e tlale kutlo ya tsona.


Jwang bo a omella, mme palesa e foforehe, ha e amilwe ke moya wa Jehova; ruri batho ke jwang.


Ditema tse leshome tsa merara di tla bea bathe e le nngwe, homere ya hlanyelo e bee efa e le nngwe.


Ba lemile koro, mme ba kotula meutlwa; ba ikgathaditse, mme ha ba kotule letho. Ebang le dihlong ho kotuleng ha lona, ka baka la kgalefo e tjhesang ya Jehova.


ke o tshollele kgalefo ya ka; ke tla o budulela mollo wa bohale ba ka, ke o neele diatleng tsa banna ba tshabehang, ba masene a ho timeletsa.


Ka selemo sa bohlano le tla itjella ditholwana tsa tsona, mme ya be esale le ikgella tsona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Hleka ho lona ke nako ya ho dula matlung a lona a manehilweng ka dipolanka, athe ntlo ena ke lesupi?


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.


Empa ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos