Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Habakuke 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hape, veine e a thetsa; monna ya ikakasang a ke ke a tiya. Eo ya ahlamisitseng moya wa hae jwaloka lebitla, ya tshwanang le lefu, ya se nang ho kgolwa, ya ipokellelang ditjhaba tsohle, ya ipokanyetsang merabe yohle ...

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 2:5
33 Referencias Cruzadas  

Ho hlola, o fela o hlotse Baedomo, mme pelo ya hao e ikakasitse; o ithorise kahoo, o mpe o dule ha hao; na o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?


Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang, mme o tsebisisa baikakasi ba sa le hole.


Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.


Mosomi ke lebitso la motho ya ikgohomosang, ya mabela, ya etsang tsohle a rwetse boikgomoso.


Nqalo ya bafu le dihele ha di na ho kgora, mahlo a motho le wona ha a kgore.


Ya ratang silefera, silefera e ke ke ya mo kgorisa; ya ratang ho phela ka nala, le yena a ke ke a hola ka yona. Hoo le hona ke lefeela.


ba neng ba ntse ba otla ditjhaba ka kgalefo, ba neng ba hlola ditjhaba ka bohale, ba ntse ba di hlorisa, ba sa di fe sebaka.


Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.


Boikgantsho ba batho bo tla fela, boikgohomoso jwa ba baholo bo kokobetswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Dijo di bewa tafoleng; molebedi o a lebela; ba ja, ba nwa ... Tlohang, le eme, lona marena; kwetlisang dithebe!


Ka baka leo, nqalo ya bafu e ikgabolotse, molomo wa yona o ahlamile ka ho fetisisa; bokgabane ba Jerusalema bo tla theohela teng, le setjhaba sa hae, le menyaka ya hae, le ba ithabelang teng.


Ho madimabe ba rokahanyang ntlo le ntlo, ba eketsang tshimo ka tshimo, ho fihlela baka se fela, e tle e be lona le nnotshi benghadi ba naha!


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Biletsang Babilona babetsi bohle ba fulang ka seqha; mo teeleng hare, ho se ke ha eba ya phonyohang; le busetse ho yena ka ketso ya hae, ka tsohle tseo a le entseng tsona, le mo etse jwalo, hobane o ikgantsheditse Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.


Etlare ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete, ke ba tahise, hore ba tle ba nyakalle, ba be ba ye ho robala boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Jehova.


O ba nyolla kaofela ka selope; o ba hula ka letanta la hae, a be a ba bokelle ka letlowa la hae; ebe hona a thabang, a nyakallang;


Ha ho le jwalo, na e ka kgona a nne a tsholle letlowa la hae, a tle a bolaye ditjhaba kamehla, a se na mohau na?


Bona, moya wa hae o hohomohile, ha o a loka ka ho yena; empa ya lokileng o tla phela ke tumelo ya hae.


Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos