Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Habakuke 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bonang ditjhabeng, le tadime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ya lona, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o dumela, leha le ka o bolellwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Tadima ditjhaba, o ke o lebelle; ako makale, o be o hlollwe. Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao, ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela leha o ne o ka ba wa ho bolellwa.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 1:5
15 Referencias Cruzadas  

bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Emang, le makale; tutubalang, le foufale! Ba tahilwe, empa e seng ke veine; ba thekesela, empa e seng hoba ba hlotswe ke jwala.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Marena a lefatshe le baahi kaofela ba dinaha tse ahilweng, ba ne ba sa kgolwe hobane sera le molwantshi ba ne ba tla kena ka menyako ya Jerusalema.


O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.


Jehova, ke utlwile taba tsa hao, ke bile ke tshohile! Jehova, mosebetsi wa hao o ke o o hlahise mahareng a dilemo; mahareng a dilemo o o bonahatse! Kgalefong, o hopole ho hauhela!


Ke ya tlosa, ke tlosetse ruri tsohle tse hodima lefatshe, ho bolela Jehova.


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos