ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.
le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.
Ke tiisa selekane sa ka le lona, mme nama yohle ha e sa tla boela e fediswe ka metsi a morwallo; mme ho ke ke ha hlola ho eba le morwallo o senyang lefatshe.
Ho itswe ke Jehova: Ha le ka fedisa selekane sa ka le letsatsi, le selekane sa ka le bosiu, hore ho se ke ha hlola ho eba motshehare le bosiu nakong ya teng,