Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Sema le Jafeta ba nka kobo, mme ba e bea mahetleng a bona ba babedi, mme ba tsamaya kasanthao, ba apesa bofeela ba ntata bona, difahleho tsa bona die furaletse, mme ba se ke ba bona bofeela ba ntata bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Sema le Jafeta ba nka kobo, ba e akgela mahetleng a bona, ba tsamaya kasanthao, ba fihla ba kwahela bofeela ba ntata bona. Kaha ba ne ba furaletse, ha ba a ka ba bona bofeela ba ntata bona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:23
11 Referencias Cruzadas  

Kama, ntata Kanana, a bona bofeela ba ntatae, mme a ya bolella banababo ba babedi kantle.


Nowe ha a hlaphohelwa ke veine ya hae, a tseba seo mora hae e monyenyane a mo entseng sona.


Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


O se ke wa kgalemela ya hodileng ka thata, empa o mo kgothatse jwaloka hoja ke ntatao, ba batjha jwaloka hoja ke banabeno;


Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.


O se ke wa amohela qoso e qosang moholo wa kereke, haese ka polelo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.


Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.


Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos