Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 mme ke tla elellwa selekane sa ka se mahareng a ka le lona, le dintho tsohle tse utlwang tsa nama yohle, mme metsi a ke ke a boela a etsa morwallo, ho fedisa nama yohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:15
14 Referencias Cruzadas  

Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.


Ke tiisa selekane sa ka le lona, mme nama yohle ha e sa tla boela e fediswe ka metsi a morwallo; mme ho ke ke ha hlola ho eba le morwallo o senyang lefatshe.


Etlare ha ke kwahetse lefatshe ka maru, mookodi o tla bonahala marung,


a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le hodimo mahodimong, leha e le tlase lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona.


Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.


a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,


Mahakwe a mabedi o tla a bea mahetleng a efoda, e be mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; Aarone o tla jara jwalo mabitso a bona pela Jehova mahetleng a hae a mabedi, ho etsa kgopotso. Dikoomana o tla etsa tsa kgauta;


Ka baka la lebitso la hao, o se ke wa nyedisa, o se ke wa senya terone ya kganya ya hao; hopola, o se ke wa roba selekane sa hao le rona.


Empa nna, ke tla hopola selekane sa ka seo ke neng ke se entse le wena ditshiung tsa botjha ba hao, ke o etsetse selekane se sa feleng.


hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang,


Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos