Modimo wa re: Pontsho eo ke le fang yona ya selekane sa ka le lona, le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, ho isa masikeng le masikeng, ke yona ena:
Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.
Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theohang lehodimong, le ipopileng ka leru, le rwetse mookodi hloohong; sefahleho sa lona se ne se le jwaloka letsatsi, le maoto a lona e ne e ka ditshiya tsa mollo;
Ya dutseng ho yona, ha ke mmona, o ne a tshwana le lejwe la jaspe le la sardone, mme terone e ne e teetswe hare ke mookodi o kang emerauda, ha ho tadingwa.