Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 8:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 le diphoofolo tsohle, le dihahabi tsohle, le dinonyana tsohle; ntho tsohle tse tsamayang lefatsheng ka mefuta ya tsona, tsa tswa arekeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Diphoofolo tsohle, le makgomo wohle, le dinonyana tsohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, tsa tswa ka arekeng ka mefuta ya tsona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 8:19
5 Referencias Cruzadas  

Modimo wa etsa dihlapi tsa ditonana, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.


Jwale Modimo wa re: Lefatshe ha le hlahise dibopuwa tse phelang ka mefuta ya tsona, dikgomo, le dihahabi, le diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme ha eba jwalo.


Yaba Nowe o a tswa, yena, le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae, bao a neng a na le bona,


Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.


le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos