Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba nama yohle e nyekenyehang lefatsheng ya eshwa: dinonyana, le makgomo, le diphoofolo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, le batho kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng tsa shwa: dinonyana, makgomo, diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tsamayang ka dikgakgatha lefatsheng, le batho bohle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 7:21
20 Referencias Cruzadas  

Modimo wa etsa diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.


Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe.


Bona, nna ke ya tlisa morwallo wa metsi lefatsheng, ho fedisa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela tlasa lehodimo, mme hohle ho lefatsheng ho tla shwa.


Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.


nama yohle e ne e tla shwa hang, mme motho o ne a tla kgutlela leroleng.


Lefatshe le a thuhakanngwa, lefatshe le kunngwa dikoto, lefatshe le sisinyeha hohle.


Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.


Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.


Kapele ho sona mollo o a tjhesa, le kamorao ho sona lelakabe le a timeletsa. Naha e kapele ho sona, e jwaloka tshimo ya Edene; kamorao ho sona ke sebataolo; ha ho letho le siilweng ke sona.


Ke ya tlosa batho le diphoofolo, ke tlose dinonyana tsa lehodimo le dihlapi tsa lewatle, le dikgopiso hammoho le ba bolotsana, ke be ke timeletse batho hodima lefatshe, ho bolela Jehova.


ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla morwallo, mme ba nkwa bohle ke wona: ho tla ba jwalo le ho tleng ha Mora motho.


Ho ne ho jewa, ho nowa, ho nyalwa, ho nyadiswa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a ileng a kena arekeng ka lona, morwallo wa metsi wa ba wa fihla, wa ba timetsa kaofela.


Hobane tse bopilweng di ne di bewe tlasa mmuso wa bosawana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng katlasa wona;


Hobane re a tseba hore tse bopilweng tsohle di ntse di fehelwa, di bile di tsietsing hammoho, ho fihlela jwale.


mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos