Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jwale Modimo a re ho Nowe: “Ke rerile ho fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, hobane lefatshe le tletse dipolayano ka baka la batho; ke tla ba timetsa mmoho le lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 6:13
19 Referencias Cruzadas  

Simeone le Levi, ke bana ba mpa; marumo a bona ke dibetsa tse sehloho.


O iketsetse areka ka difate tsa gofere; o etse dikarolo arekeng, mme o e tlotse ka boka kahare le kantle.


Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.


Yaba nama yohle e nyekenyehang lefatsheng ya eshwa: dinonyana, le makgomo, le diphoofolo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, le batho kaofela.


Tsohle tse phelang tse lefatsheng tsa fediswa, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo, le ho dihahabi, le ho dinonyana tsa lehodimo, tsohle tsa timetswa lefatsheng, ha sala Nowe feela, le tsohle tseo a neng a na le tsona arekeng.


Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.


Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!


Wena ya ahileng metsing a maholo, ya tletseng matlotlo, bofelo ba hao bo tlile, boshodu ba hao bo ya fela.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos