Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 49:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O mahlahahlaha jwaloka metsi, ha o ka ke wa ba kapele, hobane wa na wa hlwella malaong a ntatao; o silafaditse malao a ka mohla monene, ha o a hlweletse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 49:4
11 Referencias Cruzadas  

Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Mabitso a bara ba Iseraele ba ileng Egepeta ke ana: Jakobo le bara ba hae: Rubene, wa letsibolo wa Jakobo.


Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


Ho rohakwe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o apotse kobo ya ntatae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Rubene a ke a phele, a se ke a shwa, mme palo ya batho ba hae e se ke ya eba nyenyane.


U se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno; o se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno, leha e le tshimo ya hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.


jwalokaha a ngola mangolong a hae wohle, moo a bolelang tse jwalo; empa ho wona ho na le ditaba tse ding tse thata, tseo ba sa rutehang le ba tetemang ba di kgopamisetsang tahleho ya bona, jwalokaha ba etsa mangolo a mang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos