Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mme jwale, bara ba hao ba babedi bao o ba tswaletsweng naheng ya Egepeta, ke eso ho tle ho wena naheng ya Egepeta, e tla ba ba ka; Efraime le Manasse e tla ba ba ka jwaloka Rubene le Simeone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:5
21 Referencias Cruzadas  

Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.


Kamora ditaba tsena ba re ho Josefa: Utlwa, ntatao o bohloko. Yaba o nka bara ba hae ba babedi, Manasse le Efraime.


Empa bana ba hao bao o tlang ho ba tswala kamorao ho bana, e tla ba ba hao, mme lefeng la bona ba tla balwa mabitsong a banababo bona.


Metsi a o bone, Modimo, metsi a o bone, mme a reketla; madiba le wona a tsukutleha.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


Ka feta ka wena, ka o bona, e le ha dilemo tsa hao e le dilemo tsa lerato; ka o alla moleka wa kobo ya ka, ka apesa bofeela ba hao; ka ba ka o hlapanyetsa, ka hlaba selekane le wena, ho rialo Morena Jehova, mme wa ba wa ka.


Morena Jehova o re: Ke ena meedi ya lefatshe leo e tla ba lefa la lona, la meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. Josefa o tla newa karolo tse pedi.


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


Jehova wa makgotla o re: Bana e tla ba ba ruilweng ke nna tsatsing le tla etswa ke nna; ke tla ba qenehela jwalokaha motho a qenehela mora wa hae ya mo sebeletsang.


melokong ya bara ba Josefa: ho la Efraime, Elishama, mora Ammihude; ho la Manasse, Gamaliele, mora Pedahtsure;


mme ke tla ba ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho thualo ke Morena ya matla wohle.


Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona,


Ka tumelo, Jakobo, mohla a shwang, o kile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ba babedi, mme a rapela a ikokotletse ka ntlha ya lere la hae.


ke tla ba leleka pela bana ba Iseraele; feela, o nne o abe dinaha tseo ka ho di laola ka lotho, e be lefa la Baiseraele, jwalokaha ke o laetse. O abe naha eo, e be lefa la meloko e robileng mono o le mong hammoho le la mothapo o mong wa leloko la Manasse.


etswe bana ba Josefa ba ne ba balwa e le meloko e mmedi, la Manasse le la Efraime; ha ba ka ba nea Balevi kabelo lefatsheng leo, haese metse ya ho aha teng, le meraka ya dikgomo tsa bona, le ya dintho tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos