Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 47:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Josefa o a ya, a tsebisa Faro, a re: Ntate o tswile Kanana, a na le banabeso, le manku a bona, le makgomo a bona, le ntho tsohle tsa bona, mme ke bao naheng ya Goshene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Josefa a kena, a bolella Faro, a re: “Ntate le bana beso, le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo ba nang le tsona, ba fihlile ho tswa naheng ya Kanana, mme jwale ba se ba le seterekeng sa Goshene.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:1
8 Referencias Cruzadas  

O tla aha naheng ya Goshene, o be haufi le nna, wena le bana ba hao, le bana ba bana ba hao, le manku a hao, le makgomo a hao, le tsohle tseo o nang le tsona.


Botumo ba utlwahala ka tlung ya Faro ba hore banababo Josefa ba tlile. Faro le bahlanka ba hae ba itumela.


Jakobo a eteletsa Juda pele, a mo romela ho Josefa, a tle a tsebe ho mo lebisa Goshene; mme ba fihla naheng ya Goshene.


Josefa a re ho banababo le ho ba ntlo ya ntatae: Ke sa ya, ke ye ho tsebisa Faro, ke re ho yena: Banabeso le ba ntlo ya ntate ba neng ba le naheng ya Kanana ba fihlile ho nna.


le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.


Hobane leha e le ya halaletsang, leha e le ba halaletswang, ke ba a le mong bohle; ka baka leo, ha a na dihlong tsa ho ba bitsa banababo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos