Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 45:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mme jwale, le se ke la tsieleha, la itlhonamela ka hoba la na la rekisa ka nna, ka tla kwano, hobane Modimo o nthomile kapele ho lona hore ke tle ke le pholose.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Le se ke la itshwabela, leha e le ho ikgalefela, kahobane le nthekisitse mona. Modimo o ntlisitse mona pele ho lona, hore bophelo bo tle bo bolokehe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 45:5
21 Referencias Cruzadas  

Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.


Ba re: O re pholositse! mme jwale, a re boneng mohau mahlong a morena, mme re tla ba bahlanka ba Faro.


Yaba Josefa o re ho bona: Le se ke la tshoha; a nka hla ka ipea sebakeng sa Modimo?


Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.


Se tshabeng, le tla fepjwa ke nna, lona le bana ba lona. Mme a ba tshedisa, a bua le dipelo tsa bona.


Wena, o entse ka sephiring, nna ke tla etsa taba eo pontsheng ho Baiseraele bohle, le pontsheng ya letsatsi.


Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


hobane, leha o ka ikgutsetsa nakong ena, thuso le ho namolelwa di tla hlahela Bajuda, di etswa hosele; haele wena le ntlo ya ntatao, le tla timela; ho tseba mang ha ekaba hase ka baka la nako e kang ena o fihlileng bofumahading!


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.


re tle re se ke ra tlatlapuwa letho ke Satane, hobane re hlile re tseba merero ya hae.


Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.


Hape, ekaba ha a ile a kgaohana le wena ka nakwana e kgutshwanyane, e ne e le hore o tle o boele o be le yena kamehla;


Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos