Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 45:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O tla aha naheng ya Goshene, o be haufi le nna, wena le bana ba hao, le bana ba bana ba hao, le manku a hao, le makgomo a hao, le tsohle tseo o nang le tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 O tla jaka seterekeng sa Goshene, o tlo be haufi le nna, wena le bara ba hao, le ditloholo tsa hao, le mehlape ya hao ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo o nang le tsona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 45:10
12 Referencias Cruzadas  

le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Yaba Josefa o a ya, a tsebisa Faro, a re: Ntate o tswile Kanana, a na le banabeso, le manku a bona, le makgomo a bona, le ntho tsohle tsa bona, mme ke bao naheng ya Goshene.


Josefa a otla ntatae ka bohobe, le banababo, le ntlo ya ntatae kaofela, a ba lekanyetsa ka bongata ba bana.


Ba ba ba re ho Faro: Re tlile ho jaka naheng ena, hobane ha ho makgulo a mehlape ya bahlanka ba hao, ka hoba tlala e kgolo naheng ya Kanana, mme re a o rapela jwale, hore bahlanka ba hao ba ke ba ahe naheng ya Goshene.


Naha ya Egepeta e pela hao; bea ntatao le banabeno naheng e fetisang ka botle, o ba bee naheng ya Goshene, mme ha o tseba banna ba mahlahahlaha hara bona, o ba bee bahlahlobi ba mehlape ya ka.


Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.


Yaba Josefa o romela ho lata Jakobo, ntatae, le ba mofuta wa hae kaofela, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos