Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 45:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ebile moo Josefa a sitwang ho itiisa pontsheng ya bohle ba mo teetseng hare, mme a howa, a re: Batho bohle ba ho nna ba tswe. Mme ha ho a ka ha eba motho ya salang le yena, ha a itsebisa banababo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Josefa a sitwa ho itiisa ha a le kapele ho bohle ba neng ba eme pela hae, mme a phahamisa lentswe, a re: “Ntshetsang batho bohle kantle!” Ho ne ho se motho pela hae, ha Josefa a itsebisa bana babo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 45:1
12 Referencias Cruzadas  

Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.


Hobane nka kgutlela jwang ho ntate, ke se na ngwana eo? Oho! ke se ke ka bona mahlomola a tlang ho hlahela ntate!


Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!


A ba a nka pane, a a tshola pela hae, Amnone a mpa a hana ho ja. Amnone a re: E mong le e mong a ke a tswe mona ho nna. Ba tswa kaofela pela hae.


Esale ke kgutsitse, ke ituletse, ke itshwere; jwale, ke howa jwaloka mosadi ya belehang, ke a fehelwa, ke a sisimoha.


Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.


e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung.


La bobedi, Josefa a tsejwa ke banababo, mme Faro a tsebiswa moloko wa Josefa.


Ha le etse ho swabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos